Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro.
Genese 20:2 - BIBELE Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara. Sesotho 1909/1961 (SO) Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara. |
Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro.
Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka.
Ka yona nako eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba bua ho Aborahama, ba re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang.
Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita.
Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.
Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.
Jwale Eleesere, mora wa Dodawa, ya tswang Maresha, a porofetela Jehoshafate bobe bo tla mo hlahela, a re: “Kahobane o entse selekane le Akasiya, Morena o sentse mosebetsi wa hao.” Kahoo dikepe tsa hae tsa pshatleha, tsa sitwa ho ya Tarashishe.
Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.
hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.
O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo!
Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.