Genese 2:11 - BIBELE Noka ya pele e bitswa Pishone; ke yone e phallang, e tswedipana hara naha yohle ya Hafila, moo ho nang le kgauta. Sesotho 1909/1961 (SO) Lebitso la ya pele ke Pisone, e teetseng naha yohle ya Havila hare, moo kgauta e leng teng. |
Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane.
Kgauta ya naha eo ke e ntlentle. Ho na le mamina a difate a monko o monake, le majwe a bohlokwa.
Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo.
Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.