Genese 18:2 - BIBELE A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe, Sesotho 1909/1961 (SO) A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe, |
Jwale banna bao ba ema, ba tloha moo, ba leba nqa Sodoma. Aborahama a ba felehetsa, ho ba fihlisa tseleng.
a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.
Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.
Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha.
Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.
Ha Josefa a se a fihlile hae, ba mo nea dimpho tseo ba tlileng le tsona, ba inama kapele ho yena.
Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe.
Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena.
Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena.
Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.
Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”
Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana.
Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”