Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.
Genese 16:4 - BIBELE Aborame a kena dikobong tsa Hagare, mme Hagare ya eba moimana; jwale a qala ho nyedisa monga hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Abrame a kena ho Agare, mme a emola; mme eitse ha a bona hoba o emotse, mofumahadi wa hae a nyediseha mahlong a hae. |
Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.
Sarai a re ho Aborame: “Nyediso ena ke e etsetswa ka baka la hao! Ke nna ya o neileng lekgoba lena ho ba mosadi wa hao, empa haesale le hlokomela hore le ithwetse le a nnyedisa. A e ke e be Morena ya ahlolang pakeng tsa rona le wena!”
Moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ntata rona o se a tsofetse, mme ha ho na monna lefatsheng ya ka kenang dikobong tsa rona ka mokgwa wa batho ba lefatshe lohle.
Sara a bona mora eo Aborahama a mo tswaletsweng ke Hagare wa Moegepeta a ntse a tsheha Isaka ka mokgwa o somang.
Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.
Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.