Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Genese 14:3 - BIBELE Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai. Sesotho 1909/1961 (SO) Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai. |
Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.
Ka dilemo tse leshome le metso e mmedi di ne di buswa ke Kedore-Laomere, empa ka selemo sa leshome le metso e meraro tsa mo fetohela.
Ke ha ho futuha kgosi ya Sodoma, le kgosi ya Gomora, le kgosi ya Adema, le kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware, mme tsa itokisetsa ntwa ka phuleng ya Sidime;
Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.
Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ ‘Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.’ ”
Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.”
metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.