Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.
Genese 13:5 - BIBELE Lota, ya neng a tsamaya le Aborame, o ne a ena le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le ditente, Sesotho 1909/1961 (SO) Le yena Lota, ya neng a tsamaya le Abrame, o ne a na le manku, le makgomo, le ditente. |
Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.
Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.
e leng hore naha eo e ne e ke ke ya ba lekana haeba ba ne ba ka aha mmoho; maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ke ba aha mmoho.
Ha bashanyana bana ba ntse ba hola, Esau ya eba setsomi, a phela hara naha; athe Jakobo e ne e le motho wa kgotso, wa sesalahae.
O hape tente tsa bona le mehlape ya bona, le maphephe a bona o bo a nke, o nke thepa yohle ya bona le dikamele. Batho ba tla howeletsa, ba re ho bona: ‘Matshabeho a le potapotile kahohle!’