La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 11:6 - BIBELE

Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova a re: Bonang, ke setjhaba se le seng, puo ya bona kaofela e nngwe feela, mme haele mona ba qadile ho sebetsa, ha ba sa na ho thibelwa hore ba se ke ba phetha tsohle tseo ba di rerileng.

Ver Capítulo



Genese 11:6
12 Referencias Cruzadas  

Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang.


Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!”


Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.


Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.”


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


“Kgwedi di sa le tharo ho eso kotulwe, ha ke a ka ka le nesetsa pula; motse o mong ka o nesetsa pula, o mong wona ka se ke ka o nesetsa pula; tshimo e nngwe ya nelwa ke pula, e nngwe yona ya e hloka, ya omella.


O entse tse matla ka tsoho la hae, a qhalanya baikgohomosi le mehopolo ya bona;


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.”