Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.
Genese 10:6 - BIBELE Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana. Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Kama ke Kushe, le Mitsraime, le Puthe, le Kanana. |
Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.
Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.
Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle.
Ba fumana makgulo a matle, a nonneng, le naha e namileng, e nang le kgotso, e kgutsitseng. Baahi ba yona ba pele e ne e le Bahame.
Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.
Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!
“ ‘Banna ba Peresiya, le banna ba Lode le Pute, e ne le bahlabani ba mabotho a hao; dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe ba di fanyeha maboteng a hao, ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona.
Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,