Genese 10:11 - BIBELE A tloha naheng eo, a ya Asure; a haha Ninife le Rehobote-Ire, le Kalaha, Sesotho 1909/1961 (SO) Ha tswa fatsheng leo Assure, mme a haha Ninive, le motse wa Rehobothe, le Kala, |
Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.
yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”
Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.
“ ‘Ba tswang Harane le Kane le Edene, le bahwebi ba Sheba le ba Ashure le ba Kilemade, ba ne ba hweba le wena.
“Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.
Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”
“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o kgalemela, hobane ke bone bokgopo ba wona.”
Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona.
Ona ke molaetsa o buang ka Ninife. Ke buka ya pono eo Nahume wa Elekoshi a neng a e bontshwe.
Ninife e ka letamo le phatlohile. Mokgosi ke oo: “Sekwele! Sekwele!” Empa ha ho le ya mong ya kgutlang.
Bohle ba o bonang ba tla o baleha, ba re: ‘Motse wa Ninife o fetohile masupi, ekaba ke mang ya tla o llela?’ Ke tla fumana mang ya tla o tshedisa?”
Morena o tla otlolla tsoho la hae, a le otlollele leboya, a le otlolle, a timetse Asiria, a timetse Ninife, e fotohe nanaola, e sale e omeletse e ka lehwatata.
Empa dikepe di tla tswa lebopong la Kitime, di siye Asure le Ebere e le lesupi, empa qetellong le tsona di tla timela.”