Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.
Genese 1:22 - BIBELE Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.” Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa di hlohonolofatsa, wa re: Ngatafalang, le ate, mme metsi a mawatle a tlale tsona, mme tse rurang di ate lefatsheng. |
Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.
Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.”
Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”
Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.
Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”
Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.
“Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.
Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.
Mosadi wa hao o tla ba jwaloka morara, morara o behang ka tlung ya hao; bana ba hao ba be jwaloka mahlomela, mahlomela a mohlwaare ho potapota tafole ya hao.
“ ‘Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona.