La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Esthere 8:3 - BIBELE

Esetere a boela a bua le kgosi, a itihela maotong a yona, a ipiletsa ho yona ka dikgapha, hore e fedise bobe bo rerilweng ke Hamane wa Moakake, le morero wa hae oo a neng a o reretse Bajuda.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Esthere a eketsa a bua pela morena; a itihela pela maoto a hae, a lla, a mo rapela hore a fedise morero o bolotsana wa Hamane, Moagage, le bohlale ba hae boo a rerileng Bajuda ka bona.

Ver Capítulo



Esthere 8:3
10 Referencias Cruzadas  

Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”


Kamora tsena, kgosi Ahashuerushe a phahamisa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a mo etsa mookamedi wa mahosana wohle a neng a sebetsa le yena.


Rona le setjhaba sa heso, re se re rekisitswe hore re timetswe, re bolawe, re ripitlwe. Haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba le makgabunyane, nka be ke kgutsitse, hobane leha re ne re ka hlokofatswa ho ne ho ke ke ha tshwana leha kgosi e ne e lahlehelwa ke rona.”


Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane.


Yaba kgosi e supa Esetere ka lere la yona la kgauta. Esetere a atamela a ema kapele ho kgosi,


Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re:


A kolokotjhana le lengeloi, a le hlola, a ba a le kopa tlhohonolofatso, a le kopa yona ka dikeledi. A teana le Modimo a le Bethele, a bua le yena a le hona moo.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


A itihela maotong a Davida, a re: “Monga ka, molato ona e mpe e be wa ka. Ke a o rapela: Ere lekgabunyane la hao le ke le bue le wena, mme o ke o le mamele.