Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.
Esthere 4:5 - BIBELE Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Esthere o bitsa Hathake, le leng la matona a beilweng ke morena pela hae, a mo laela hore a ye ho Mordekai, a tle a utlwe taba e leng teng le lebaka la taba eo. |
Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.
Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.
Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela.
Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.