Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.
Esthere 3:5 - BIBELE Ha Hamane a bona hore Moredekai o hana ho mo obamela, le ho isa hlompho ho yena, a loloma ke bohale. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Hamane a bona hobane Mordekai a sa iname, a sa kgumame pela hae, Hamane a tlala bohale. |
Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.
Bahlanka bohle ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba ne ba obama kapele ho Hamane, ba isa hlompho. Kgosi e ne e ile ya ba laela ho etsa jwalo ho Hamane. Empa Moredekai yena ha a a ka a obamela Hamane, leha e le ho isa hlompho ho yena.
Ka letsatsi le leng le le leng bahlanka ba kgosi ba nna ba buisana le yena hore a phethe taelo ya kgosi, empa a se ke a ba mamela; kahoo ba bolella Hamane taba ena, hore ba tle ba bone hore na o tla etsa jwang, hobane Moredekai o ne a ile a ba bolella hore yena ke Mojuda.
Ka tsatsi leo Hamane a tsamaya a thabile, a nyakaletse. Empa eitse ha Hamane a bona Moredekai monyakong wa ntlo ya kgosi, mme a lemoha hore Moredekai ha a eme, ha a mo tshohe, a mo halefela haholo.
Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.