Esthere 2:2 - BIBELE Yaba bahlanka ba kgosi ba e sebeletsang ba re ho yona: “A ho ke ho batlelwe kgosi barwetsana ba batle. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Morena a ke a batlelwe barwetsana ba batle ba dikgarebe; |
Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?”
Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.
Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.
Kgosi e kgethe bahlankana dinaheng tsohle tseo e di busang, hore ba kgobokanye barwetsana bohle ba batle, ba ba tlise Shushane, tlung eo basadi ba dulang ho yona, e bodiseng ba Hegai, e leng lehaole la kgosi le lebelang basadi. Barwetsana bana ba fuwe ditlolo tseo ba itlotsang ka tsona.
Yare ba sa ntsane ba buisana le yena, mahaole a kgosi a fihla, a potlakisetsa Hamane moketeng oo Esetere a o lokisitseng.