Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng.
Esthere 1:8 - BIBELE Ho ne ho nowa ka molao wa hore ho se be ya qobellwang. Kgosi e ne e laetse bahlanka ba yona hore ba etsetse motho ka mong kamoo a ratang kateng. Sesotho 1909/1961 (SO) Taelo ya eba teng ya hore motho a se ke a qobellwa; hobane morena o ne a laetse matona wohle a ntlo ya hae jwalo, hore ho etsetswe e mong le e mong ka thato ya hae. |
Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng.
Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona.
Babilona e ne le mokgako wa kgauta tsohong la Morena, mokgako o ila tahisa lefatshe lohle. Ditjhaba di ile tsa nwa veine, veine ya Babilona, jwale tjhaba tseo di fetohile mahlanya!