Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng.
Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.
Dinwelo tsohle tsa kgosi di ne di entswe ka kgauta, le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.
Kgosi ya etsetsa mahosana a yona le bahlanka ba yona mokete o moholo, e leng mokete wa Esetere. Kgosi ya laela hore letsatsi leo e be la phomolo dinaheng tsa yona; ya fana le ka dimpho tse lokelang boemo ba kgosi.
Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.