Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena.
Esthere 1:10 - BIBELE Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa, |
Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena.
Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.
Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!”
“Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,
Mokete o etsetswa boithabiso, veine yona e natefisa bophelo, empa ka tjhelete o ka fumana tsohle.
Yare ha ba se ba nyakaletse ba re: “Tlisang Samosone, a tlo re bapalla.” Ba tlisa Samosone a etswa tjhankaneng, mme a bapalla moo ba ntseng ba mo shebile. Ba mmea pakeng tsa ditshiya tse pedi.
Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”
Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona.