Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle.
Eksoda 9:10 - BIBELE Yaba ba ngwatha molora ka seboping, ba ema kapele ho Faro. Moshe a o hasetsa hodimo, mme wa hlahisa mathopa a ileng a fetoha diso tse phephethang boladu bathong le diphoofolong. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba nka molora seboping, ba hlaha pela Faro; Moshe a o hasanyetsa hodimo, wa hlahisa dithopane le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo. |
Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle.
Jwale Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ngwathang molora ka seboping, le tlatse matsoho a lona, mme Moshe a o hasetse hodimo, Faro a ntse a tadimile.
Molora oo o tla fetoha lerole hodima naha yohle ya Egepeta, mme ha o wela hodima batho le hodima diphoofolo, naheng yohle ya Egepeta, o tla hlahisa lethopa le tla fetoha diso tse phephethang boladu.”
“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.