Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: ‘Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.’ ”
“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’
“ ‘Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.
Morena a etsa jwalo; ha fihla boiyane ba diboba ka tlung ya Faro, le ka tlung ya bahlanka ba hae, le naheng yohle ya Egepeta, mme naha ya senyeha ke diboba.