Eksoda 8:16 - BIBELE Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Phahamisa molamu wa hao, o otle lerole la lefatshe, le fetohe menwang naheng yohle ya Egepeta.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Moshe: Ere ho Aarone: Emisa lere la hao, o otle lerole la lefatshe, le tle le fetohe dinta naheng yohle ya Egepeta. |
Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”
Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.’ ”
Empa ha Faro a bona hore o imolotswe a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.
Ba etsa jwalo; Arone a otlolla letsoho la hae, a tshwere molamu, a otla lerole la lefatshe, mme menwang ya homela batho le diphoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.
Ka malepa a tsona, dingaka le tsona tsa leka ho hlahisa menwang, empa tsa hloleha; menwang ya homela batho le diphoofolo.
Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Tshwara molamu, o otlollele letsoho la hao hodima dinoka, le hodima matsha, o ntshe dihohwana, di tlale naha ya Egepeta.’ ”