La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 8:11 - BIBELE

Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale nokeng feela.

Ver Capítulo



Eksoda 8:11
7 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Yaba Moshe le Arone ba tloha ho Faro; Moshe a ipiletsa ho Morena ka taba ya dihohwana tseo Morena a neng a di rometse ho Faro.


Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng; dihohwana tsa shwela ka matlung, le mabaleng, le masimong.


Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.


Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”