Ka boholo ba botlotlehi ba hao, o diha ba o tsohelang matla; kgalefo ya hao ha e tuka e ba tjhesa jwaloka mmoko.
Eksoda 5:12 - BIBELE Jwale batho ba phasaphasa le naha ya Egepeta, ba thonaka dirite bakeng sa seteroi. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba setjhaba se qhalanela naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhoka bakeng sa setroi. |
Ka boholo ba botlotlehi ba hao, o diha ba o tsohelang matla; kgalefo ya hao ha e tuka e ba tjhesa jwaloka mmoko.
Lona, ka bolona, tsamayang le yo ipatlela seteroi moo le ka se fumanang teng, empa mosebetsi wa lona ha o na ho fokotswa le hanyenyane feela’!”
Bahlorisi ba ba sunya mangwele, ba re: “Phethang mosebetsi wa lona wa letsatsi le leng le le leng, jwaloka pele ha seteroi se ne se le teng!”
“Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho.
Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.
le laqoma hodima ditlhoro tsa dithaba, lerata la lona e ka la kariki tsa ntwa, e ka la mollo o qhoma, o tjhesa matlakala, e ka la diqhobane di eme thekong ya ntwa.
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.
Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.
Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,