Eksoda 40:9 - BIBELE “O tla nka ole e tlotsang, o tlotse Leaho le tsohle tse kahara lona, o le halaletse hammoho le tsohle tsa lona, mme le tla halalela. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla nka ole ya setlolo, mme ka yona o tlotse tabernakele le tsohle tse ho yona; ka ho etsa jwalo, o tla e kgetha le yona mesebetsi yohle ya yona, mme e tla kgetheha. |
A etsa ole e tlotsang, e halalelang, le mokubetso o monko o monate, jwalokaha ho etsa setsebi se tswakang ditlolo.
le aletare ya lethose, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona.
O tla hlomela Tente eo ya Morena seotlwana ho potoloha, ebe o lepeletsa lesira la monyako wa seotlwana.
Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena;
Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;
O no tlotswe, wa ba kerubime e sireletsang, nna ka seqo, ke o beile jwalo. O no le thabeng ya Modimo, thaba e halalelang, o tsamaya hara majwe a phatsimang sa malakabe.
Yaba Moshe o nka ole e tlotsang, o tlotsa Tente ya Morena, le tsohle tse neng di le ka ho yona, mme a di halaletsa.
Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa.
Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae;
Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.
ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.
O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete.