Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa; na ntate o sa phela?” Empa bana babo ba sitwa ho mo arabela, hobane ba ne ba tshohile ha ba bona hore o a phela.
Eksoda 4:18 - BIBELE Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso. |
Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa; na ntate o sa phela?” Empa bana babo ba sitwa ho mo arabela, hobane ba ne ba tshohile ha ba bona hore o a phela.
Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”
Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.
Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”
Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”
Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.
Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”