O tla etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a etswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme o a manehe lethose.
Eksoda 30:2 - BIBELE Bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, le bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano; e be le mahlakore a mane a lekanang. Bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a etswe ka thupa e le nngwe le aletare. Sesotho 1909/1961 (SO) Bolelele ba yona e be ba tswe se le seng, bophara le bona e be tswe se le seng; e be le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e be tswe tse pedi. |
O tla etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a etswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme o a manehe lethose.
O tla nka madi a mang a pohwana, o qopetse monwana wa hao ho wona, ebe o tlotsa manaka a aletare ka wona. Madi a mang o a tshollele motheong wa aletare.
“O tla etsa aletare, moo ho tla tjhesetswa mokubetso teng; o tla e etsa ka dithupa tsa sefate sa mositsane.
O tla e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona; ebe o e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang.
Jwale lengeloi la botshelela la letsa terompeta, mme ka utlwa lentswe le tswang manakeng a mane a aletare ya kgauta, e kapele ho Modimo.