O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.
O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:
Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi.
Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.
“Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”
Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.
Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.