Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.
Eksoda 27:8 - BIBELE O tle o e etse ka dithupa, tse fatilweng sekoti hare; o e etse hore e be jwalokaha o ile wa e bontshwa ha o le thabeng.” Sesotho 1909/1961 (SO) O tla e etsa sekoti kahare, ka dipolanka, kamoo o e bontshitsweng thabeng kateng; e ke e etswe jwalo. |
Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.
Yaba Davida o re: “Tsena tsohle ke di ngotse, hobane letsoho la Morena le ile la ntataisa, mme a etsa hore ke utlwisise diqaqiso tsohle tsa setshwantsho sena.”
Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”
“Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona.
Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”