Bolelele ba lesira ka leng e be dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masira wohle a lekane.
Eksoda 26:3 - BIBELE Masira a mahlano a rokahanngwe hammoho; le a mang a mahlano hape a rokahanngwe hammoho. Sesotho 1909/1961 (SO) Masela a mahlano a ke a rokellwe hammoho, mme masela a mang a mahlano a rokellwe hammoho. |
Bolelele ba lesira ka leng e be dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masira wohle a lekane.
O tle o etse dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a tla kopana teng, mme o etse jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng.
O tla rokahanya masela a mahlano hammoho, le a mang a tsheletseng o a rokahanye hammoho; lesela la botshelela le tla menwa habedi monyakong wa tente.
hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile.
Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.
Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.
Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.