Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu.
Eksoda 22:9 - BIBELE Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: ‘Ke yona ena,’ taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi. |
Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu.
“Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena,
Ra ditaba di ka ba teng pakeng tsa bana babo lona ba phelang metseng, ebang ke tsa tshollo ya madi, kapa tse amanang le molao, kapa ditaelo, kapa ditemoso, kapa melawana, le ba hlokomedise hore ba se ke ba sitelwa Morena, mme lona, le bana babo lona, Morena a ke ke a le halefela. Etsang jwalo, mme le ke ke la ba le molato.
“Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang;
“Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.
Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.
“Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.
“Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.”
“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.