“Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena,
Eksoda 22:8 - BIBELE Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla iswa moo ho rapelwang Modimo teng, ho hlapanya hore ha a a ka a isa letsoho dinthong tsena tsa motho e mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla atamela pela Modimo, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho mesebetsing ya wa habo na. |
“Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena,
Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.
monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.
Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: ‘Ke yona ena,’ taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi.
“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.