“Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.
Eksoda 22:7 - BIBELE “Ha motho a nea e mong tjhelete, kapa diphahlo hore a di boloke, mme tsena di utsuwa ka tlung ya motho eo; haeba leshodu le fumanwa, le tla lefiswa habedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi. |
“Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.
“Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo.
“Jwalokaha leshodu le hlajwa ke dihlong, le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe, Baiseraele le bona ba hlajwe ke dihlong jwalo, bona le dikgosi le mahosana a bona, le baprista le baporofeta ba bona.
“ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.
“Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona;
Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.
O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.
le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.