Eksoda 22:1 - BIBELE “Ha motho a utswa kgomo kapa nku, mme a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa kgomo eo ka dikgomo tse hlano, mme a lefe nku eo ka dinku tse nne. Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha motho a utswa kgomo, kapa konyana, a e hlaba, kapa a rekisa ka yona, o tla busa kgomo tse hlano hodima kgomo, le dinku tse nne hodima konyana. |
Kapa haeba ho tsejwa hore pholo eo e tlwaetse ho hlaba tse ding, mme monga yona a sa ka a e disa, o tla lefa pholo e shweleng ka pholo e phelang, mme pholo e shweleng e be ya hae.”
Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.
o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.
O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.
Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”