Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”
monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.
Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.