Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo.
Eksoda 20:1 - BIBELE Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re: Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Modimo o bolela mantswe ana kaofela, wa re: |
Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo.
“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona.
lona ba amohetseng Molao oo le o neeleditsweng ke mangeloi, empa la se ke la o boloka.”
Jwalokaha a ne a ngole pele hodima matlapa ao, Morena a ngola melao e leshome, eo Morena a neng a le bolelle yona thabeng, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile. Morena a nnea melao eo.
Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela?
O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo.
“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”
Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo.
“ ‘Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.