Ba araba, ba re: “Monna e mong wa Moegepeta o ile a re namolela ho badisa; a ba a re kgella metsi, a nwesa mohlape.”
Eksoda 2:18 - BIBELE Ha ba fihla ho ntata bona, Reuele, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le tlile kapele, kajeno?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha ba boetse ho Reuele, ntata bona, a re: Le kgutlile kapele hakakang kajeno! |
Ba araba, ba re: “Monna e mong wa Moegepeta o ile a re namolela ho badisa; a ba a re kgella metsi, a nwesa mohlape.”
Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”
Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: ‘Ke tla le nea sona.’ Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.”
Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila.