Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.
Eksoda 19:2 - BIBELE Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ba tloha Refidime, ba fihla lefeelleng la Sinai, ba hloma ditente lefeelleng; Iseraele a hloma ditente malebana le thaba. |
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.
Ha Moshe a le lehwatateng, thabeng ya Modimo, moo a neng a hlomile teng, mohwe wa hae Jethero, a fihla moo a ena le bara ba Moshe, le mosadi wa Moshe.
Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re:
“Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.
Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona.
Taba tseo ke papiso. Basadi bao ba tshwantsha dilekane tse pedi. Se seng se tswang thabeng ya Sinai, se tshwantshwa ka Hagare, ya tswalang makgoba.