“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.
Eksoda 19:1 - BIBELE Ka kgwedi ya boraro bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ka lona letsatsi leo ba fihla lehwatateng la Sinai. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka kgwedi ya boraro hobane bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la Egepeta, ka lona letsatsi leo, ba kena lefeelleng la Sinai. |
“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.
Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.
Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e nto hlajwa ka shwalane, moo setjhaba sohle se leng teng.
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta.
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re:
Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.
“Morena Modimo wa rona, o ile a bua ho rona a le Horebe, a re: ‘Le dutse nako e telele thabeng ena.
Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: ‘Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona.’
“Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang.