Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”
Eksoda 18:8 - BIBELE Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o phetela mohwehadi wa hae tsohle tseo Jehova a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka baka la Iseraele, le ditsietsi tsohle tseo ba hlahetsweng ke tsona tseleng, le kamoo Jehova a ba ntshitseng ho tsona kateng. |
Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”
“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!
Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae.
Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.
Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona.
“Morena, tsoho la hao le letona le tlotlisitswe ka matla, Morena, tsoho la hao le letona le thuankantse sera.
Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”
Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta.
“Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.
Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”
empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.
Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.”
Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.