Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao.
Eksoda 15:8 - BIBELE Ka moya o tswang nkong tsa hao metsi a bokellana, metsi a phallang a ema jwaloka lerako, madiba a tuduana botebong ba lewatle. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle. |
Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao.
Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.
Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba tsamaya mobung o ommeng kahara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.
empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.
Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”
Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.
hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.
Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”
metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.