Eksoda 15:7 - BIBELE Ka boholo ba botlotlehi ba hao, o diha ba o tsohelang matla; kgalefo ya hao ha e tuka e ba tjhesa jwaloka mmoko. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka boholo jwa borena ba hao o dihile ba neng ba o tsohetse matla; o ntshitse bohale ba hao, ba ba tjhesa jwaloka hoja e le mooko. |
Tsohle di rorise lebitso la Morena; ke lona feela le lokelang ho tlotliswa, botlotlehi ba hae bo phahame, bo phahametse lefatshe, bo phahametse le mahodimo.
Sebe sa bona ke mantswe a bona, mantswe a tswang melomong ya bona; ba tshwaswe ke boikgohomoso ba bona, ka baka la dithohako le wona mashano ao ba a buang.
Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme ha bosiu bo esa lewatle la kgutlela tulong tsa lona. Baegepeta ba leka ho baleha metsi ana, empa Morena a ba lahlela hara lewatle.
empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.
Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe wohle ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang.
O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!
Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.
Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.
Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.
“Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho.
Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela.
Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.
Jwale tjhaba tse ngata di o dikile, di re: “A Sione e ke e silafale, re be re e bone ha e silafala!”
Mohla tsatsi leo, metsi a bophelo a tla phalla a etswa Jerusalema, halofo ya wona e phallele lewatleng le ka botjhabela, halofo e nngwe yona e phallele lewatleng le ka bophirimela. Ho tla ba jwalo hlabula le mariha.
Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.
Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala.
Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”
“Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru.