Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako.
Eksoda 12:9 - BIBELE Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la e ja e sa butswa; le se ke la e hladiya ka metsi, e mpe e beswe mollong, hlooho, le maoto, le dikateng tsa yona. |
Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako.
Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.
O tla nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, o di tjhesetse hodima aletere.
O kgabele nama ya pheleu eo; o hlatswe dikahare tsa yona, le ditlhakwana tsa yona, o di bee hodima nama e kgabetsweng, le hodima hlooho ya yona.
Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle.
Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
Le e bese, le e jelle sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. Hoseng le kgutlele ditenteng tsa lona.