Monyako wa Sehalalelo wa etsetswa mamati a mabedi ka sefate sa mohlwaare; dikosene di ne di entse dihuku tse hlano.
Eksoda 12:7 - BIBELE Batho ba nke madi a yona, mme ka wona ba tlotse dikosene tse pedi tse mahlakoreng, le kosene e kahodimo ho monyako, matlung wohle ao ba tla e jella ho wona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla kgella madi a yona, ba foke dikosene tsa menyako le mosehlelo o hodima menyako ya matlo ao ba jelang ho wona. |
Monyako wa Sehalalelo wa etsetswa mamati a mabedi ka sefate sa mohlwaare; dikosene di ne di entse dihuku tse hlano.
Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.
Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”
Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.
Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.
Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!
Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele.
Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.
ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.