Eksoda 1:22 - BIBELE Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele. |
A fetola pelo tsa tsona, tsa hloya tjhaba sa hae, tsa sebetsa bahlanka ba hae ka bolotsana.
ya re: “Ha le belehisa basadi ba Baheberu, le hlahlobe bana; ha e le wa moshanyana le mmolaye, ha e le wa ngwanana le mo tlohele a phele.”
Ha a se kwaholla, a bona ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo hauhela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.”
Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.
Ka tumelo yare hoba Moshe a tswalwe, a patwa dikgwedi tse tharo ke batswadi ba hae. Ba mmona e le ngwana e motle, mme ha ba a ka ba tshoswa ke taelo ya kgosi.