Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.
Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.”
Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.
Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.
Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.
Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.