Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
Eksoda 1:18 - BIBELE Yaba kgosi ya Egepeta e bitsa babelehisi, e re ho bona: “Ke ka baka lang ha le etsa ntho e tjee, le tlohela bana ba bashanyana ba phela?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena wa Egepeta o bitsa babelehisi, a re ho bona: Ke ka baka lang ha le entse taba ena, le tlohetse bana ba batona hore ba phele? |
Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”
Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.
Babelehisi ba re ho Faro: “Ke hobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta; bona ba a potlaka, mme ba beleha mmelehisi a eso fihle ho bona.”