Dipesaleme 127:2 - BIBELE Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse. |
Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.
Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!
Mosebeletsi o robala boroko, ebang o a lapa kapa o a kgora, empa morui ya hafang ka nkatana ha a bo hlothe ke maruo a hae!
Tshebetso yohle ya motho ke ho lemisetsa mmetso, takatso tsa hae tsona ha di ke di kgotsofala.
Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.