Ha ke ntse ke tadimile, ka bona phooko e etswa bophirimela, e haola lefatshe lohle, empa e sa hate fatshe. Phooko ena e ne e ena le lenaka la mophekapheka phatleng.
Daniele 8:6 - BIBELE Phooko ena ya fihla ho pheleu yane e naka di pedi, eo ke boneng e eme lebopong la noka, mme ya e kgorohela ka sekgahla se seholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya fihla ho pheleu e dinaka tse pedi eo ke e boneng e eme pela noka, ya itihela hodima yona ka matla a bohale ba yona. |
Ha ke ntse ke tadimile, ka bona phooko e etswa bophirimela, e haola lefatshe lohle, empa e sa hate fatshe. Phooko ena e ne e ena le lenaka la mophekapheka phatleng.
Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo.