“Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata.
Daniele 8:5 - BIBELE Ha ke ntse ke tadimile, ka bona phooko e etswa bophirimela, e haola lefatshe lohle, empa e sa hate fatshe. Phooko ena e ne e ena le lenaka la mophekapheka phatleng. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka re ke sa ntse ke e bohile, ka bona phooko e haola ka bophara ba lefatshe, e tswa bophirimela, e sa hate fatshe; phooko eo e ne e na le lenaka le leholo dipakeng tsa mahlo a yona. |
“Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata.
Hlooho ya setshwantsho sena e ne e le ya kgauta e hlwekisitsweng, sefuba sa sona le matsoho a sona e le tsa silefera, mpa le dirope tsa sona e le tsa lethose.
“Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.
“Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.
Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.
Phooko ena ya fihla ho pheleu yane e naka di pedi, eo ke boneng e eme lebopong la noka, mme ya e kgorohela ka sekgahla se seholo.
Ka baka leo, phooko ya ikgohomosa haholo, empa ha matla a yona a ntse a eketseha, lenaka la yona le mophekapheka la robeha, yaba bakeng sa lona ho mela manaka a mang a mane, a mephekapheka, a shebileng diqoleng tse nne tse lefatshe.