“Yaba ke ntse ke tadimile ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse buuwang ke lenakana lane. Ka tadima ho fihlela ke bona ha sebatana sena se bolawa, setopo sa sona se senyeha, se akgelwa hara malakabe.
Daniele 7:12 - BIBELE Ha a le dibatana tse ding tsona, di ile tsa amohuwa matla a tsona, empa tsa ekeletswa nakwana ya ho phela. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ka dibatana tse ding, tsa amohuwa borena, empa tsa ekeletswa bophelo ho isa mohla nako le motsotso o itseng. |
“Yaba ke ntse ke tadimile ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse buuwang ke lenakana lane. Ka tadima ho fihlela ke bona ha sebatana sena se bolawa, setopo sa sona se senyeha, se akgelwa hara malakabe.
“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.
Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo.