Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.
Daniele 7:10 - BIBELE Mollo tswang ho yena o no phalla sa noka, ketekete tsa batho di mo sebeletsa, boiyane bo sa balweng bo eme kapele ho yena. Lekgotla la Moahlodi la bulwa, dibuka le tsona tsa phetlwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa. |
Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.
Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae ka letsohong la hae le letona, le ka letsohong la hae le letshehadi.
Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae.
Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya tsukutleha, ya reketla, hobane a halefile.
Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare.
Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng?
Bonang, bitso la Morena le tswa hole, kgalefo ya hae e a tlokoma, kotlo e boima; molomo wa Morena o tletse kgalefo, leleme le hae le ka mollo o timetsang.
Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.
“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.
Yaba ho fihla Moholo wa Matsatsi, a ahlolela bahalaledi ba Ya Hodimodimo. Jwale nako ya fihla ya hore mmuso o newe bahalaledi.
“ ‘Empa lekgotla la kahlolo le tla dula, kgosi ena e amohuwe matla a yona a puso, mme e fediswe, e timeletswe ruri.
Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle.
“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.
A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe.
Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?
Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.
Ke ka bona batho bana Henoke, wa moloko wa bosupa ho tloha ho Adama, a ileng a porofeta, a re: “Bonang, Morena o tla le mangeloi a hae a halalelang, a diketekete,
Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”
Ka tadima hape, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata, a potapotileng terone, le dibopuwa tse phelang, le baholo. Palo ya wona e ne e le dikete tsa diketekete.